Church: St John's Apostolic Faith Mission Church of Prophecy CWJ
event: Mokete waCWJ 2022
Hymn: #7 Jehova, Molimo oa Iseraele
hymn book: difela tsa sione
lyrics for the hymn:
Jehova, Molimo oa iseraele,
U re falalitse lefifing la pele;
Re thaba hakaang ha re u khumamela;
Kajeno re batho, re tseba ho rapela.
2 Maoto a khotso, a tsoang ho monghadi,
A tlile Lesotho, lefatšeng la mali,
A re a sa hlaha, Satan'a thothomela,
Mokhosi oa khutsa, lira tsa re bakela.
3 Mahaheng a matšo, thakong tsa lelimo,
Ho binoa sefela se bokang Molimo;
Naha ea nyakalla, e khabile ka metse,
Nala e hlahile bakeng sa litsietsi.
4 Ba neng qhalana ba boela ha habo,
Ba liqhobosheane ba ba nka ka thabo;
Leqheku le akoa ke tloholo tsa lona,
Li tla li holile; ho bokoe Mong'a bona!
5 E, lipoko tsohle li hlabe holimo
Ho uena, Jehova ,Morena Molimo!
Re sechaba sa hao , se ratiloeng ke Jesu;
Tiisa 'muso oa hao fatšeng lena la heso.
Негізгі бет #7 DTS: Jehova, Molimo oa Iseraele
Пікірлер: 5