Jesu oa ka ke ea tsieloa Ke tla u leboha joang na Ka baka la neho e kholo Eo u e entseng ho batho Chorus E! Sakramente e monate Mosa oa hao ke o sele! Botho le bona bomolimo Ba Jesu bo nehoa batho Ho e mong le e mong oa rona O inehela kaofela ‘Me joale sefuba sa motho Se fetoha ntlo ea Jesu ‘Me mobopuoa o eteloa Ke ‘Mopi oa hae ho joang na! Jesu o s’a lula ho motho Le eena motho ho Jesu E mo a re: Ha ke sa phela Ke Jesu a phelang ho ‘na Hojane pelo e hloekileng Ea Maria ho ‘na e teng! Oho Morena nka nyakalla Ha nka u rata ka eona Jesu ke uena ea tlisitseng Mollo ho rona lefatsheng A ko re hotetse ka oona Re ka o rata ka mehla
Пікірлер: 4