1. E, jwale ke tla oroha
Ka la Simeone;
Ke tshepile ho pholoha
Motseng wa Sione.
2. O ne a kene tempeleng:
A fihlela Jesu
Ya baletsweng batho mehleng,
Ke Modim'wa rona.
3. Jesu ka sebele-bele,
Sedi la dichaba,
Tlotlo la Iseraele,
Hlooho ya ditaba.
4. Le 'na ke 'mone 'Moloki
Ya ntefetseng dibe;
Ke se ke le mopholohi,
Ngwana wa Sione.
AMEN!
Негізгі бет United Singers
Пікірлер: 13